Popular Hymns

No.29
Ea itshepelang Modimo
Le botshepehi ba oona,
A ka hl'a dula ka kgotso,
Har'a tshiu tsa mefuta.
Mookamedi ea renang
O tseba see re se hlokang.
Di thusa'ng dipelaelo,
Le 'ona masisapelo?
Na moabi wa bophelo
H'a bo dise ka lerato?
Mookamedi ea renang
O tseba see re se hlokang.
Betang pelo, ba Morena,
Le mo siele sebaka.
O tla tseba ho fetola
Tsohle molemo wa rona.
Mookamedi ea renang
O tseba see re se hlokang.
Ruri o s'a ikgethetse
Motsotso wa ho re thusa.
Ho bana ba hae o tletse
Rato le se nang ho fela.
Mookamedi ea renang
O tseba see re se hlokang.
Se re ha o s'o hlomoha
Ke lahlilwe ke Morena!
'Me batho ha ba qhomeha,
Ba filwe lehlohonolo!
Mookamedi ea renang
O tseba see re se hlokang.
Ha bohloko bo go kena,
Bo go tuba, sheba Jesu!
Sefapano sa Golgotha
Ke diba sa matshediso.
Mookamedi ea renang
O tseba see re se hlokang.
Tshaba Modimo, moena!
O hate tsela ya oona.
Mehopolo'nga ho wena
Ke ya molemo ka mehla.
Mookamedi ea renang
O tseba see re se hlokang.
Morena, mponele tsohle;
Kea o tshepa, wena feela.
O ntate, ntsamaise hle;
Tshepo ya ka e ho wena.
Wena, Jehova ea renang,
O tseba see ke se hlokang.
Bonang, ho hlahile marung
Ea shoetseng batho kgale,
O tla Khutla lehodimong
Ho phutha batho bohle.
Alleluya!
Dumelang, Alleluya!
Bahlabanedi ba Jesu
Ba bapile le eena,
Mahlo a bona ke metsu,
Ba loanela Morena.
Alleluya! Dumelang, Alleluya!
Mafatshe a thothomela,
Mafika a petsoha,
Le dinaledi tsa wela,
Letsatsi la fifala.
Alleluya! Dumelang, Alleluya!
Utlwang, ho hlajoa mokhosi
Wa ho tsosa ba shoeleng,
Ba mengoa ke Moahlodi,
Ba tsoa bohle mabitleng.
Alleluya! Dumellang, Alleluya.
Dumelang, bana ba me,
Lona bohle ba nthatang,
Sieang mobu, le phahame,
Tlong ho ’na, atamelang!
Alleluya! Dumelang, Alleluya!
Ke na le modisa,
Ke tla be ke hloka'ng?
Ke ea ipitsang Jehova,
Modimo o phelang.
O nkisa botaleng,
Dijong tse mphedisang;
O nkalosa dinokaneng,
Metsing a nkgodisang.
Ha ke lahlehile,
O nkgutlisetsa hae;
O nkisa tseleng ya 'nete
Ka lerato la hae.
Leha ke tla feta
Kgohlong e lefifi,
Ha nka ke ka tshoha tsela
E chehilweng lifi.
Ke tshepa modisa,
Ya disang ka lesoai;
Ke eena ya tla ntshedisa
Ka mohau wa hae.
Dira di ka ntlhoya,
Ke sa ja monono;
Mohope wa kgaphatseha
Ke dutse ka thabo.
O sa tla mpaballa
Ka bophelong bona;
'Me ke tla hlola ka mehla
Ka tlung ya Morena
Jehova, mo tsamaise
Ngoan'a hao ea sepelang;
Ke phaila ke tsietswe
Tseleng moo ke hlahlathang!
Jehova.
O Ntate, ke o tshepile.
Ntate, o se fele pelo
Ha ke ntse ke kgeloha;
Ho lefifi, hase boomo,
Ke timelloa ke tsela.
Jehova,
Se lese ho ntsamaisa.
Leha ke kgwehla mangole,
Ke pheella, ke kgasa;
Ba heso ba ntshiile bohle,
Na nka lahlwa ke wena?
Jehova,
O ntlheke o ntse o mpepa.
Dira ke di sheba mahlong,
Ke tseha ditsietsi;
Ha ho tshabo, ha ho dihlong,
O ho 'na, ha ke 'notshi;
Jehova,
O se kgaohane le 'na.
Morena, ke rata ho o phelela,
O inkele pelo ya ka joale,
Ke hlolohetswe wena, wena feela,
Tlo, ke sa o bitsa, o nketele!
O nkhule ka dikgwele tsa lereko,
O ntebatse tsa lefatshe lena,
Ke o bohe, ke hlakole meokgo,
Ke be tlama se le seng le wena!
Oho, tsela lerato la Modimo
Pelong ena ya ka e hatsetseng;
Ke hopole dintho tse kahodimo,
Ke o rate kamoo o nthatileng!
Jesu, Jesu, letsatsi la ho loka
Ha o ncheba ka mosa le mohau,
Eba pelo ya ka e se e loka;
Nkedisetse sefahleho sa hao
Ruri le nkgapile pelo,
Lefatshe le letle lela;
Ke utloa bohloko,
Ke seka meokgo,
Ha ke ntse ke le hopola.
Dumelang! kea tsamaya,
Ke ya lefatsheng lela.
Jesu oa mpitsa, o ntokisetsa
Sebaka sa ho dula.
Le 'na ha ke molata teng,
Ke ha eso ka sebele,
Baratuwa ba teng,
Ke ba ntebeletseng,
Ke ba heso, ke metsoalle.
Dumelang! kea tsamaya ...
Nka ema joang ka masoabi,
Ha ke le pel'a lebitla?
Leha le le letsho,
'Me le le maruru,
Ke yona kgoro ya kganya.
Dumelang! kea tsamaya ...
Lefu leha le tshabeha,
Ke lenģosa le molemo;
Ke le tlang ho mpepa,
Tharing ya Morena,
Ho nkisa hae ha Modimo.
Dumelang! kea tsamaya ...
Jo 'na 'na, ditaba tsa teng,
Di ntlholla le mehopolo!
Ha Jesu a le teng
Ha ke batle tse ding,
Ke lona lehlohonolo.
Dumelang! kea tsamaya ...
Nteseng, le 'na ke akofe,
Ke roetswe ke hlolohelo.
O Jesu o nthuse,
Ke fihle ho Ntate,
Le 'na ke bone phomolo.
Dumelang! ke tsamaya ...
